Madimo a Rakotsoana Madimo a Rakotsoana

Madimo a Rakotsoana

Descripción editorial

Rakotsoana le setjhaba sa hae ba ne ba phela ka kgotso ho fihlela ba hlaselwa ke dikgukguni tsa difaqane tse ileng tsa ruthutha le ho bolaya malapa a bona.

Ka mora ho boloka maloko a bona ke moo Rakotsoana le mahlahana a hae ba ileng ba nka qeto ya ho iphethetsa ka e sa e hlabang. Ba qalella ho hlasela metse le metsana e haufi, ba bolaya batho ka sehloho ba nto ba ja.

Ketso ena ya ho ja batho e ile ya ba kena mading hoo ba neng ba se ba hloka taolo hodima yona. Ba qetella ba jele ntatamoholo wa morena e moholo wa Basotho,morena Moshoeshoe ya neng a bitswa Peete.

Madimo a ile a fetoha batshwaruwa ba morena Moshoeshoe mme ba tobana le kahlolo ya lefu empa morena Moshoeshoe – Morena wa Khotso o ile a ba utlwela bohloko a ba pholosa marumong a bahale ba hae.

Madimo a ile a fuwa monyetla wa bobedi le ho sokolloha mekgweng ya bona, a rutwa tsela ya ho boela a phela le batho ka kgotso, Moshoeshoe o ile a ba abela lefatshe hape ho iphedisa le ba malapa a bona.

Rakotsoana o ile a fumana boemo bo hodimo hara bahlabani le batshepuwa ba morena Moshoeshe, a mo lwanela dintwa kgahlano le dira tsa hae empa tlhaka ya ho ja batho e ne esa tswa mading a hae. O ne a ntse a tswela pele a ja batho ha mmoho le mahlahana a hae. Qetellong ba ile ba bolawa ha mmoho le mahlahana a hae ka lebaka la diketso tseo tsa bona tse sehloho.

GÉNERO
Ficción y literatura
PUBLICADO
2018
10 de septiembre
IDIOMA
ST
Sotho del sur
EXTENSIÓN
36
Páginas
EDITORIAL
Tseliso Kennedy Mofubetsoane
VENTAS
Draft2Digital, LLC
TAMAÑO
249.6
KB